Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Aarone o sa ya orosetswa ho ba tjhaba sa hae; hobane a ke ke a kena fatsheng leo ke le neang bana ba Iseraele, ka baka la hobane le kile la hanyetsa taelo ya ka metsing a Meriba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:24
18 Referencias Cruzadas  

Haele wena, o tla orohela ho bontatao ka kgotso, o epelwe ha o se o hodile ho hotle.


Dilemo tsa bophelo ba Ishmaele ke tsena: e bile dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng, mme a neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo.


Abrahama a neela moya, a shwa botsofading bo botle, a hodile ho kgodisang; mme a orohela setjhabeng sa habo.


Yaba Isaaka o neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo, a tsofetse, a atetswe ke matsatsi; mme Esau le Jakobo, bara ba hae, ba mo epela.


A ba laela, a re ho bona: Nna, ke orohela setjhabeng sa heso, le tle le mpate ho bontate, lehaleng le tshimong ya Efrone, Mohethe;


Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.


Ke se ke tla o orosetsa ho bontatao, mme o tla phuthelwa lebitleng la hao ka kgotso, mme mahlo a hao a ke ke a bona dikotsi tsohle tseo ke tla di hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona. Ba busetsa polelo eo ho morena.


A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na?


O tla hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, o di apese Eleasare, mora hae.


Na ke ka baka lang le re ntshitseng Egepeta, la re tlisa bakeng sena se sebe na? Hase naha eo re ka e lemang, ha ho difate tsa feiye ho yona, leha e le tsa morara, leha e le tsa garanata, leha e le metsi a ka nowang.


Etlare ha o le bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwalokaha ngwaneno Aarone le yena a orositswe.


Pheteletsa bana ba Iseraele ho Bamidiane, o ntoo orohela ho setjhaba sa hao.


Tshebetso yohle ya bara ba Bagershone e tla etswa ka taelo ya Aarone le bara ba hae, leha ba jara, leha ba sebetsa. Le tla e bea paballong ya bona, hore ba boloke tsohle tseo ba tlang ho di jara.


O tla shwela thabeng eo o tla nyolohela ho yona, mme o tla phuthelwa ditjhabeng tsa heno, jwaloka Aarone, ngwaneno, ya shweleng thabeng ya Hore, mme a phuthetswe ditjhabeng tsa habo;


Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;


a re ho banna bao: Ke a tseba hobane Jehova o le neile lefatshe, mme letsoso la lona le re wetse hodimo, mme bohle ba ahileng lefatsheng lena, ba tepeletse pela lona.


Le wona moloko oo wa orohela ho bontata wona, ha ba ha hlaha moloko o mong o neng o sa tsebe Jehova, leha e le mesebetsi eo a neng a e etseditse Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos