Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.
Eksoda 16:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe le Aarone ba re ho bana ba Iseraele kaofela: Mantsiboya le tla tseba hobane ke Jehova ya le ntshitseng lefatsheng la Egepeta. BIBELE Moshe le Arone ba re ho bana bohle ba Iseraele: “Mantsiboyeng wona ana, le tla tseba hore Morena ke yena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta. |
Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.
Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.
Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.
Moshe a ba a re: Ruri, Jehova o tla le fa nama mantsiboya le je, hosasane a le nee bohobe le kgore; hobane o utlwile ho dumaduma ha lona, kamoo le mo ngangisitseng kateng. Rona re eng? Ha le ngangise rona, le ngangisa Jehova.
Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.
Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?
Yaba Jehova o re ho Moshe: Ema, o theohe, hobane tjhaba sa hao, seo o se nyolotseng fatsheng la Egepeta, se itshentse.
Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.
Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.
Yaba Moshe o re: Ka hona le tla tseba hoba Jehova o nthomile ho etsa mesebetsi ena yohle, le hoba ha ke etse ke iqalla.
empa ekare ha Jehova a etsa mohlolo, ha lefatshe le ahlamisa molomo wa lona, le ba metsa le tsohle tseo ba nang le tsona, mme ba theohela lempatung ba ntse ba utlwa, teng le tla tsebisisa hobane batho bao ba nyedisitse Jehova.