Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:6 - BIBELE

6 Moshe le Arone ba re ho bana bohle ba Iseraele: “Mantsiboyeng wona ana, le tla tseba hore Morena ke yena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Moshe le Aarone ba re ho bana ba Iseraele kaofela: Mantsiboya le tla tseba hobane ke Jehova ya le ntshitseng lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:6
14 Referencias Cruzadas  

Tsela ya hao ya tsamaya lewatleng, le tselana tsa hao hara bodiba; empa ha ho ya boneng mohlala wa hao.


Ke nna Morena, Modimo wa hao, ya neng a o ntshe naheng ya Egepeta. Ahlama, ke tle ke o fepe.


Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.


Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”


Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla?


Morena a bua ho Moshe, a re: “Theoha kapele, hobane setjhaba sa heno, seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, se se se silafetse.


“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta.


Moshe a re: “Le tla tseba ke hona hore Morena o nthomile ho tla etsa mesebetsi ena yohle, le hore hase mesebetsi ya ka.


Empa haeba Morena a etsa ntho e ntjha, mme lefatshe le ahlama, le ba kwenya hammoho le dintho tsohle tsa bona, mme ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, ka hona le tla tseba hore banna bao ba nyedisitse Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos