Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha ho esa, le tla bona kganya ya Jehova; hobane o utlwile kamoo le dumadumetseng Jehova kateng. Na rona re bomang, le ka re ngangisang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Hoseng le tla bona tlotla ya Morena, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Jwale rona re bo-mang, hoo le ka re korotlelang?”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:7
17 Referencias Cruzadas  

Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.


Ke utlwile ho dumaduma ha bana ba Iseraele; ba bolelle, o re: Mantsiboya le tla ja nama, mme ha ho esa, le tla kgora bohobe, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Moshe a ba a re: Ruri, Jehova o tla le fa nama mantsiboya le je, hosasane a le nee bohobe le kgore; hobane o utlwile ho dumaduma ha lona, kamoo le mo ngangisitseng kateng. Rona re eng? Ha le ngangise rona, le ngangisa Jehova.


ba bona katlasa maoto a wona mosebetsi wa safire o bonaletsang, o hlwekileng jwaloka lehodimo.


Kganya ya Jehova ya dula thabeng ya Sinai, mme leru la e apesa ka matsatsi a tshseletseng; ka la bosupa, a bitsa Moshe a le lerung.


Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.


A tla mela dipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole difela tsa hlolo; a tla fuwa kganya ya Lebanone le menono ya Karmele le ya Sharone; batho ba tla bona kganya ya Jehova le boholo ba Modimo wa rona.


Mme kganya ya Jehova e tla bonahala, nama yohle e tla e bona hammoho, hobane molomo wa Jehova o boletse.


Moshe a re: Ke tseo Jehova a di laetseng; di etseng, mme kganya ya Jehova e tla iponahatsa ho lona.


Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.


Na ke tla mamella ho isa neng phutheho ena e mpe e dumadumang ka nna? Ke utlwile medumodumo ya bana ba Iseraele kamoo ba dumadumang ka nna kateng.


Ke ka baka lena, wena le ba letshwele lohle la hao, le dumellaneng ho tsekisa Jehova! Aarone yena keng, hore le mo rorele na?


Ha phutheho e ne e bokane le Moshe le Aarone, yare ha ba tadima ka nqa tenteng ya pokano, ba bona leru le e apesitse, mme ha hlaha kganya ya Jehova.


Monna eo ke tla mo kgetha, e tla ba eo thupa ya hae e tswang dipalesa, mme ke tla fedisa medumadumo e ntseng e bolelwa hodima lona ke bana ba Iseraele.


Yare ha Jesu a utlwa, a re: Ho kula hoo ha ho ise ho shweng, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.


Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos