Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.
Eksoda 11:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a hauhedisa Baegepeta setjhaba. Hape, le Moshe e ne e le motho e moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba. BIBELE Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe Baiseraele. Le yena Moshe ya eba motho e moholo naheng ya Egepeta, le mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba. |
Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.
Jehova a ba le Josefa, a mo etsetsa ka lereko, a mo fumantsha mohau mahlong a mong a ntlo ya teronko.
Ka nna ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, ka o etsetsa le lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba lefatshe.
Hobane Mordekai o ne a le moholo tlung ya morena, mme botumo ba hae bo ne bo se bo ile dinaheng tsohle; hobane efela monna eo, Mordekai, o ne a eya a ntse a hola.
Bana ba Iseraele ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng, ba qela mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta le diaparo ho Baegepeta.
Jehova a etsa hore setjhaba se bone mohau mahlong a Baegepeta hore ba ba nee, mme ba hlobodisa Baegepeta.
Ke tla etsa hore setjhaba sena se fumane mohau mahlong a Baegepeta, mme etlare ha le tsamaya ha le ka ke la tsamaya le sa nka letho.
Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.
Moshe a rutwa bohlale bohle jwa Baegepeta, mme ya eba motho ya matla ditabeng le mesebetsing.
Ha ho a ka ha boela ha eba moporofeta Iseraeleng ya jwaloka Moshe, eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se tadimane le sefahleho.
Ha ho e mong ya ileng a tshwana le yena ka dipontsho tsohle, le mehlolo eo Jehova a mo romileng ho e etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae kaofela, le ho naha ya hae yohle;
Tsatsing lona leo, Jehova a hodisa Joshua pepeneneng ho Baiseraele bohle; ba mo tshaba ke hona ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, jwalokaha ba ne ba tshabile Moshe.
Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.