Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Tsatsing lona leo, Jehova a hodisa Joshua pepeneneng ho Baiseraele bohle; ba mo tshaba ke hona ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, jwalokaha ba ne ba tshabile Moshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:14
14 Referencias Cruzadas  

Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.


Jehova a phahamisa Salomone haholoholo mahlong a Baiseraele bohle, mme a mo nea borena bo kganyang boo ho neng ho eso ho be morena wa Iseraele ya kileng a ba le bo jwalo pele.


Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.


Jehova a hauhedisa Baegepeta setjhaba. Hape, le Moshe e ne e le motho e moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.


Iseraele a bona matla a maholo ao Jehova a a bonahaditseng ho Baegepeta, mme setjhaba sa tshaba Jehova, sa dumela Jehova le Moshe, mohlanka wa hae.


Ngwana ka, tshaba Jehova le morena, o se ke wa itlwaetsa babelaedi;


Hobane morena ke mohlanka wa Modimo ho o isa botleng. Empa ekare ha o etsa hampe, tshaba; hobane morena ha a tshwara sabole feela; hobane ke mohlanka wa Modimo, le mophetetsi ya beilweng ho otla ya etsang bobe.


ba kolobeditswe bohle ho Moshe lerung le lewatleng;


Yaba Jehova o re ho Joshua: Ke tla qala kajeno ho o hodisa pontsheng ho Baiseraele bohle, ba tle ba tsebe hobane ke tla ba le wena jwalokaha nkile ka ba le Moshe.


Ya batla ho ba banna ba kete tse mashome a mane ba hlometseng, ba loketseng ntwa, ba feta pela Jehova, ba kena mahwatateng a Jeriko.


Yaba Jehova o bolella Joshua, a re:


Yaba Samuele o bitsa ho Jehova, mme Jehova a dumisa diaduma, a nesa le pula tsatsing leo, mme setjhaba sohle sa tshaba Jehova le Samuele haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos