Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ya batla ho ba banna ba kete tse mashome a mane ba hlometseng, ba loketseng ntwa, ba feta pela Jehova, ba kena mahwatateng a Jeriko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ba ileng ba tshela e ne e ka ba dikete tse mashome a mane, tsa ba hlomeletseng ntwa, ba ilo lwana diphuleng tsa Jeriko, moo Morena a ntseng a ba bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:13
11 Referencias Cruzadas  

Empa makgotla a Bakalde a phallela morena, a mo tshwara lehwatateng la Jeriko; mme makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.


Empa Modimo wa tsamaisa setjhaba ka tsela e potolohang e lebileng lefeelleng la Lewatle le Lefubedu. Bana ba Iseraele ba tswa naheng ya Egepeta ba hlometse.


Yaba makgotla a Bakalde a ba phallela, mme ba fihlela Tsedekia mahwatateng a Jeriko; ba mo tshwara, ba mo tlisa ho Nebukadresare, morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe; a ahlolwa teng.


Makgotla a Bakalde a phallela morena, a ba a fihlela Tsedekia lehwatateng la Jordane; yaba makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.


re ntoo phakisa ho hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, re be re ba kenye naheng ya bona; bana ba rona bona ba tla sala metseng e dikilweng ka marako ka baka la baahi ba naha.


Aparang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho hlola dihloho tsohle tsa Diabolose.


Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba tshela ba etella bana ba Iseraele pele ba hlometse, jwalokaha Moshe a ne a ba boleletse.


Tsatsing lona leo, Jehova a hodisa Joshua pepeneneng ho Baiseraele bohle; ba mo tshaba ke hona ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, jwalokaha ba ne ba tshabile Moshe.


Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos