Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:13 - BIBELE

13 Ba ileng ba tshela e ne e ka ba dikete tse mashome a mane, tsa ba hlomeletseng ntwa, ba ilo lwana diphuleng tsa Jeriko, moo Morena a ntseng a ba bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ya batla ho ba banna ba kete tse mashome a mane ba hlometseng, ba loketseng ntwa, ba feta pela Jehova, ba kena mahwatateng a Jeriko.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:13
11 Referencias Cruzadas  

Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi, ba e tshwara ha e le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi.


Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.


Empa lebotho la Bakalatiya la ba phaladisa, la tshwara Sedekiya phuleng ya Jeriko. La mo tshwara, la mo isa ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a le Ribela, naheng ya Hamate, moo a ileng a mo ahlolela hona teng.


Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi Sedekiya, ba mo tshwara ha a le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi.


empa rona re tla hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, ho fihlela re ba fihlisa sebakeng sa bona, mme bana ba rona ba tla phela metseng ya diqhobosheane ka lebaka la baahi ba naha ena.


Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.


“Ka yona nako eo, ke ile ka le laela, ka re: ‘Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena hore e be ya lona. Bahlabani bohle ba lona ba tla tshelela mose ba hlometse, ba eteletse bana babo lona, bana ba Iseraele, pele.


Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tshela ba hlometse, ba eteletse bana ba Iseraele pele, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse.


Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.


Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos