Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:12 - BIBELE

12 Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tshela ba hlometse, ba eteletse bana ba Iseraele pele, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba tshela ba etella bana ba Iseraele pele ba hlometse, jwalokaha Moshe a ne a ba boleletse.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:12
9 Referencias Cruzadas  

Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.


Ha balwa bana ba Gade, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


empa rona re tla hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, ho fihlela re ba fihlisa sebakeng sa bona, mme bana ba rona ba tla phela metseng ya diqhobosheane ka lebaka la baahi ba naha ena.


“Ka yona nako eo, ke ile ka le laela, ka re: ‘Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena hore e be ya lona. Bahlabani bohle ba lona ba tla tshelela mose ba hlometse, ba eteletse bana babo lona, bana ba Iseraele, pele.


Yena o ikgethetse karolo ya mantlha, o abetswe seabo sa molaodi. O tlile le hlooho tsa merabe, a phethahatsa ho loka ha Morena, le ditaelo tsa hae ho Baiseraele.’


Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona naheng eo Moshe a le neileng yona ka kwano ho Jorodane, empa lona bohle, bao le leng banna ba bahale, ba matla, le tla tshela le hlometse, le eteletse bana babo lona pele, le ba thuse.


Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba.


Ba ileng ba tshela e ne e ka ba dikete tse mashome a mane, tsa ba hlomeletseng ntwa, ba ilo lwana diphuleng tsa Jeriko, moo Morena a ntseng a ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos