Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:11 - BIBELE

11 Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Setjhaba ha se qetile ho tshela, areka ya Jehova le yona ya tshela, le bona baprista ba tshela pela setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:11
7 Referencias Cruzadas  

Ha le na ho tswa le potlakile kapa le baleha, hobane Morena o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o tla le sireletsa serao.


“ ‘La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Morena ba ema themelele! mobung o ommeng, bohareng ba Jorodane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o ommeng, ho fihlela setjhaba sohle se tshela Jorodane.


O tla laela baprista ba jarang areka ya selekane, o re: ‘Ha le fihlile moleng wa metsi a Jorodane, le eme themelele!’ ”


Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka.


Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tshela ba hlometse, ba eteletse bana ba Iseraele pele, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse.


Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos