Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:10 - BIBELE

10 Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Baprista ba jereng areka ba ema kahare ho Jordane, ho fihlela ha ho phethehile tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Joshua hore a di bolelle setjhaba, kahohle kamoo Moshe a neng a laetse Joshua kateng. Setjhaba sa akofa, sa tshela.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:10
14 Referencias Cruzadas  

Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha ho boloka melao ya hao.


Hlama eo ba tlileng le yona Egepeta ba e pheha, ba etsa dikuku tse sa lomoswang, hobane e ne sa ka ya lomoswa. Kaha ba ne ba tswile Egepeta ka ntshwe-di-sa-fohlwa, mme ba ne ba ke ke ba dieha, ba sitwa le ho iphehela mofao.


O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’


Modimo o re: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka letsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa.” Ke eo jwale nako ya mohau; ke leo he letsatsi la pholoho.


Moshe a ngola Molao ona, a o nea baprista, e leng bara ba Levi, ba neng ba jara areka ya selekane sa Morena; a o nea le baholo bohle ba Iseraele.


“ ‘La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona.


Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”


Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba.


Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos