Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:9 - BIBELE

9 Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hape, Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi kahare ho Jordane, hona moo maoto a baprista ba jereng areka ya selekane a neng a eme teng; a sa le teng le kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:9
16 Referencias Cruzadas  

Sediba seo a se bitsa Sheba; ka baka leo, motse oo o bitswa Beeresheba le kajeno.


Jakobo a tsoha ka madungwadungwana, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le hloma hore e be mokolokotwane, a le tshela ka ole.


Baahi ba Beerote ba balehela Gitaime, mme ba ntse ba jakile teng le kajeno-ya-bokajeno.


Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.”


Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le kantle ho Sehalalelo, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.


Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”


Majwe ana a be leshome le metso e mmedi, ho ya ka mabitso a bara ba Iseraele. Lejwe ka leng le ngolwe lebitso la o mong wa merabe e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki.


Ka baka leo, tshimo eo e bitswa Tshimo ya Madi le kajeno-ya-bokajeno.


Bahlabani ba amohela tjhelete, mme ba etsa kamoo ba lailweng kateng. Polelo ena ya tumiswa hara Bajuda ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Morena a mo epela ka kgohlong, naheng ya Moabe, malebane le Bete-Peore. Empa ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ho motho ya tsebang lebitla la Moshe.


Joshua a ngola mantswe ana Bukeng ya Molao wa Modimo. A nka lejwe le leholo, a le hloma moo, tlasa sefate sa eike, se neng se le haufi le Sehalalelo sa Morena.


Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka.


Monna eo a ya naheng ya Bahete, a haha motse, a o bitsa Lose, mme leo ke lebitso la wona ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Ho tloha mohlang oo, yaba Davida o se a etseditse Baiseraele molao le taelo, mme ho ntse ho le jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos