Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 39:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jehova a ba le Josefa, a mo etsetsa ka lereko, a mo fumantsha mohau mahlong a mong a ntlo ya teronko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.

Ver Capítulo Copiar




Genese 39:21
23 Referencias Cruzadas  

Mehleng eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba bua le Abrahama, ba re: Modimo o na le wena nthong tsohle tseo o di etsang.


Jehova a ba le Josefa, ya eba motho ya lehlohonolo, mme a dula ka tlung ya monga hae Moegepeta.


Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.


Josefa a fumana mohau mahlong a hae, a mo sebeletsa, monga hae a mmea hore e be molaodi wa ntlo ya hae, mme tsohle tseo a nang le tsona a di bea letsohong la hae.


A ba neela hore ba bolokwe tlung ya molaodi wa balebedi, tlung ya teronko, moo Josefa a keneng teronkong teng.


ho fihlela mohla taba tseo a neng a di boletse di hlahang, mme lentswe la Jehova la mo leka.


hore a tle a tlame mahosana a hae kamoo a ratang kateng, a rute matona a hae bohlale.


mme a ba fumantsha mohau ho bohle ba neng ba ba isitse kgolehong.


Jehova a hauhedisa Baegepeta setjhaba. Hape, le Moshe e ne e le motho e moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.


Jehova a etsa hore setjhaba se bone mohau mahlong a Baegepeta hore ba ba nee, mme ba hlobodisa Baegepeta.


Ke tla etsa hore setjhaba sena se fumane mohau mahlong a Baegepeta, mme etlare ha le tsamaya ha le ka ke la tsamaya le sa nka letho.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Modimo wa fumantsha Daniele mosa le mohau ho hlooho ya matona;


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Hobane, ha ekaba ke thato ya Modimo hore le utlwiswe bohloko, ho ka fetisa hore le bo utlwe le ntse le etsa hantle, e seng hampe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos