Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 11:3 - BIBELE

3 Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe Baiseraele. Le yena Moshe ya eba motho e moholo naheng ya Egepeta, le mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jehova a hauhedisa Baegepeta setjhaba. Hape, le Moshe e ne e le motho e moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 11:3
14 Referencias Cruzadas  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.


Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa ya teng, mme ke timeditse dira tsa hao tsohle. Ke tla tumisa lebitso la hao jwaloka mabitso a ba tumileng ba teng lefatsheng mona.


Moredekai o ne a le moholo lapeng la kgosi, mme botumo ba hae ba phatlalla le dinaha tsohle, hobane Moredekai enwa o ne a ntse a matlafala le ho feta.


A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.


Bana ba Iseraele ba etsa ho ya kamoo Moshe a neng a ba laetse kateng, ba kopa Baegepeta hore ba ba fe dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo.


Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sa Iseraele, mme ba se nea seo se se kopang. Ba siya Baegepeta ba se na letho.


“Ke tla etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sena, mme ha le tsamaya le ke ke la tsamaya le itlhophere.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Moshe a rutwa bohlale bohle ba Baegepeta, mme a ba matla dipolelong le mesebetsing ya hae.


Haesale ho tloha moo, ha ho eso ka ho eba le moporofeta ya kang Moshe naheng ya Iseraele, eo Morena a neng a bua le yena difahleho tsa bona di tadimane.


Ha ho eo Morena a kileng a mo romela naheng ya Egepeta ho ya etsa dipontsho tsohle le mehlolo yohle ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le ho naha ya hae yohle.


Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos