Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 3:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke tla etsa hore setjhaba sena se fumane mohau mahlong a Baegepeta, mme etlare ha le tsamaya ha le ka ke la tsamaya le sa nka letho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Ke tla etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sena, mme ha le tsamaya le ke ke la tsamaya le itlhophere.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 3:21
13 Referencias Cruzadas  

Empa setjhaba seo ba tla beng ba se sebeleditse, ke tla se ahlola, mme kamorao ba tla tswa teng ba na le maruo a maholo.


Jehova a ba le Josefa, a mo etsetsa ka lereko, a mo fumantsha mohau mahlong a mong a ntlo ya teronko.


O tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng, o lebale le ditlolo tsohle tseo ba o sitetsweng ka tsona; o ba fumantshe mohau ho ba ba isitseng kgolehong, hore ba ba utlwele bohloko.


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


A ba ntsha ba nkile disilefera le dikgauta, ho se motho ya kgathalang melokong ya bona.


mme a ba fumantsha mohau ho bohle ba neng ba ba isitse kgolehong.


Ako bue jwale ditsebeng tsa setjhaba, hore monna e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta.


Jehova a hauhedisa Baegepeta setjhaba. Hape, le Moshe e ne e le motho e moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.


Bana ba Iseraele ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng, ba qela mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta le diaparo ho Baegepeta.


Jehova a etsa hore setjhaba se bone mohau mahlong a Baegepeta hore ba ba nee, mme ba hlobodisa Baegepeta.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Ha o mo kgutlisa ho wena a lokolohile, o se ke wa mo lesa a ya a le feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos