Eksoda 10:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodima lefatshe la Egepeta, tsie e ke e tle naheng ya Egepeta, e je dimela tsohle tsa lefatshe, tsohle tse siilweng ke sefako. BIBELE Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima naha ya Egepeta, hore ditsie di tle; di aparele naha ya Egepeta, di je dimela tsohle tsa naha, le tsohle tse siilweng ke sefako.” |
Hobane e ne e kwahele bophara bohle ba lefatshe, naha ya ba ya fifala; ya eja dimela tsohle tsa naha le ditholwana tsohle tsa difate tse neng di siilwe ke sefako; ha ho a ka ha ba ha sala botala difateng, leha e le dimeleng tsa naha, lefatsheng lohle la Egepeta.
Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Nka lere la hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, hodima melatswana ya bona, le dinoka tsa bona, hodima matsha le metsi wohle a bona a emeng, a tle a fetohe madi; madi a be teng naheng yohle ya Egepeta, dinkgong tsa mahong le tsa majwe.
Ditsie tsa tswa mosing, tsa tla lefatsheng, mme tsa newa matla a kang matla a diphepheng tsa lefatshe.