Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ditsie tsa tswa mosing, tsa tla lefatsheng, mme tsa newa matla a kang matla a diphepheng tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ditsie tsa letheha mosing oo, mme tsa newa matla a tshwanang le a diphepheng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Tsie ya tswa mosing, ya tla lefatsheng, mme ya newa matla a kang a diphepheng tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Tsie ya tswa mosing, ya tla lefatsheng, mme ya newa matla a kang a diphepheng tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 9:3
16 Referencias Cruzadas  

Ntate o le jarisitse joko e boima, nna ke tla le ekeletsa jwale; ntate yena o le otlile ka phafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.


Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.


a bua le bona ka keletso ya banna ba batjha, a re: Ntate o ne a le jarisitse joko e boima, nna ke tla e ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.


Letlotlo la lona leo le le hapileng, le tla hlakolwa ka mokgwa oo ditsie di hlakolwang ka wona; batho ba tla itihela ho lona ka mokgwa oo bookgolane bo welang jwang ka wona.


Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.


ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.


Teng, mollo o tla o tjhesa, lerumo le o timeletse; le tla o ja jwaloka tsie, leha o ka ba mongata jwaloka tsie, wa ngatafala jwaloka bookgolane.


Bakgethehi ba hao ba jwaloka tsie, le bahlabani ba hao ba jwaloka makgotla a ditsie tse emisitseng meterong, mohla ho hatsetseng; ere letsatsi ha le tjhaba, di balehe, ebe ha ho tsejwe moo di ileng.


Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha, le diphepheng, le matla wohle a sera; mme ha ho letho le tla le etsa hampe.


ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,


Tsa laelwa hore di se ke tsa ba bolaya, di mpe di ba hlokofatse ka dikgwedi tse hlano; mme bohloko ba tsona bo ne bo le jwaloka bohloko ba phepheng, ha e hlabile motho.


Sebopeho sa ditsie tseo se ne se tshwana le sa dipere tse lokiseditsweng ntwa; dihloohong tsa tsona di ne di rwetse ho tshwanang le meqhaka e kang ya kgauta; difahleho tsa tsona di ne di le jwaloka difahleho tsa batho.


Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela kaofela ba ne ba phatlaletse lehwatateng ba le ka ka ditsie, le dikamele tsa bona di se na palo, di le ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos