a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodima lefatshe la Egepeta, tsie e ke e tle naheng ya Egepeta, e je dimela tsohle tsa lefatshe, tsohle tse siilweng ke sefako.
di tla aparela bophara ba naha, motho a be a sitwe ho bona lefatshe; di tla ja mesaletsa e phonyohileng, eo le e sietsweng ke sefako, di je difate tsohle tse ntseng di metse masimong a lona.
Ha ke re, ereha a se a latsitse kahodimo, a ntoo jala aneta, a hase le kumine, a jale koro ka melana, le harese temeng ya yona, le poone ka mathoko na?
Jwale, o inkele koro, le harese, le dinawa, le dierekise, le nyalothe, le maidi, o di tshele pitseng e le nngwe, mme ka tsona o iketsetse bohobe bo ka lekanang palo ya ditshiu tseo o tla sekama ka lehlakore ka tsona; o tla bo ja ka tshiu tse makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong.