Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.
Eksoda 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka lena, Modimo wa etsetsa babelehisi ka molemo, mme setjhaba sa ata, sa natlafala haholo. BIBELE Modimo a baballa babelehisi bao, mme Baiseraele ba nna ba ngatafala, ba ba matla haholo. |
Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.
Jehova o mohau, o lereko. O nea ba mo tshabang dijo; o hopola selekane sa hae kamehla le mehla.
Hobane, wena Modimo, o utlwile dikano tsa ka, o nneile lefa la ba tshabang lebitso la hao.
Empa ba tswatswile ba ba tuba, ya eba hona moo ba atang, ba ngatafalang; mme ba teneha ke bana ba Iseraele.
Babelehisi ba re ho Faro: Ke kahobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta, hobane ke basadi ba hlaha, mme ere mmelehisi a eso fihle ho bona, ba be ba se ba belehile.
Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.
E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.
Empa leha moetsadibe a etsa hampe ha lekgolo, mme a atelwa ke matsatsi, leha ho le jwalo, ke tseba hoba ba tshabang Modimo ho tla dula hantle le bona, e leng ba tshabang ho etsa hampe pela sefahleho sa wona.
Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.
E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.
Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.
Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.