Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 1:20 - BIBELE

20 Modimo a baballa babelehisi bao, mme Baiseraele ba nna ba ngatafala, ba ba matla haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ka baka lena, Modimo wa etsetsa babelehisi ka molemo, mme setjhaba sa ata, sa natlafala haholo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 1:20
17 Referencias Cruzadas  

Jwalokaha mahodimo a phahametse lefatshe, le mohau wa Modimo o moholo, o moholo hakaalo ho ba mo tshabang.


O fepa ba mo tshabang; o hopola selekane sa hae kamehla.


O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.


A nke ke dule ka Tempeleng ya hao kamehla, ke tle ke tshabele tlasa mapheo a hao.


A nke ke utlwe seo Morena Modimo a se bolelang, hobane o tla bolella setjhaba sa hae le batshepuwa ba hae tsa kgotso, e le hore ba se ke ba kgutla, ba kgutlela bothotong ba bona.


Empa leha Baiseraele ba ntse ba tujwa hakaalo, bona ba nna ba ngatafala, ba tlala hohle. Baegepeta ba tshoha bana ba Iseraele,


Babelehisi ba re ho Faro: “Ke hobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta; bona ba a potlaka, mme ba beleha mmelehisi a eso fihle ho bona.”


Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta.


Motho ya kgopo o amohela moputso wa bolotsana, ya jalang ho loka o kotula moputso wa nnete.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate.


Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona.


Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


ka mengwaha le mengwaha o mohau ho ba mo tshabang.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos