Ekare ha o utlwa tsohle tseo ke tla o laela tsona, o tsamaya tseleng tsa ka, o etsa tse lokileng mahlong a ka, o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha mohlanka wa ka Davida a entse, ke tla ba le wena, ke o hahele ntlo e tiileng, jwalokaha ke hahetse Davida, ke o nee Iseraele.
Ke se ke re: Ka Jehova ya utlwang, ya ntiisitseng, ya ntudisitseng teroneng ya ntate Davida, ya nkgahetseng ntlo, kamoo a neng a boletse kateng, ruri Adonija, o tla bolawa kajeno.
Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ha ba ka ba etsa kamoo morena wa Egepeta a neng a ba laetse kateng, empa ba tlohela bashanyana hore ba phele.
Empa leha moetsadibe a etsa hampe ha lekgolo, mme a atelwa ke matsatsi, leha ho le jwalo, ke tseba hoba ba tshabang Modimo ho tla dula hantle le bona, e leng ba tshabang ho etsa hampe pela sefahleho sa wona.
Ke tla ipatlela moprista wa nnete, ya tla etsa kahohle kamoo ho ratang pelo ya ka le moya wa ka kateng; ke tla mo hahela ntlo e tiileng, mme o tla nne a itsamaele pela motlotsuwa wa ka, ka ho sa feleng.
O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.