Daniele 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai. BIBELE Ponong ena ka iphumana ke le Shushane, ka tlung ya bokgosi, naheng ya Elame. Ke ne ke eme lebopong la noka ya Ulai. |
Yare mehleng ya Amrafele, morena wa Shineare, le Arioke, morena wa Ellasare, le Kedorlaomere, morena wa Elame, le Tideale, morena wa Gojime,
Mantswe a Nehemia, mora Hakalia, ke wona ana: Kgweding ya Kislefe, selemong sa mashome a mabedi, ka re ke sa ntsane ke le Susane, motse wa moreneng,
ke re, mehleng eo, eitse ha morena Assueruse a dutse teroneng ya mmuso wa hae, Susane, e leng motse wa moreneng,
Eitse hobane lentswe la morena le taelo ya di tsejwe, ha barwetsana ba bangata ba se ba bokelletswe Susane, motse wa moreneng, kalosong ya Hegai, le yena Esthere a nkwa, a iswa tlung ya morena, kalosong ya Hegai, modisa wa basadi.
Yaba dititimi di tloha, di potlakiswa ke taelo ya morena. Taelo ya tumiswa le Susane, motse wa moreneng. Mme morena le Hamane ba nna ba dula ba enwa, motse wa Susane wona o tletse maswabi.
Esthere a re: Motshwenyi le sera ke Hamane, motho e mobe enwa! Jwale Hamane a tshoha haholo pela morena le mofumahadi.
Mordekai a tloha pela morena a apere seaparo sa borena sa purepera le sa lene e tshweu, a rwetse moqhaka o moholo wa kgauta, a ena le kobo ya lene le sekarelata. Mme motse wa Susane wa etsa ditlatse, o thabile haholo.
Tsatsing lona leo, palo ya ba bolaetsweng Susane, motse wa moreneng, ya behelwa morena.
Ha ho le jwalo, Bajuda ba Susane ba boela ba phutheha ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare, mme ba bolaya batho ba makgolo a mararo Susane, ba mpa ba sa ka ba hapa letho.
Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.
Ke bontshitswe pono e tshabehang: Mohapi o a hapa, mosenyi o a senya. Nyoloha, Elame! wena Media, o lokise ntwa! Ke fedisa masisapelo wohle.
Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.
Elame le yena o teng le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetse lebitla la hae hare. Ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo; ke maqai a theohetseng lefatsheng le katlase, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang; jwale, ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohelang sehokong.
Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya pele, ke ne ke le lebopong la noka e kgolo ya Hiddekele.
Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.
Daniele a bua, a re: Diponong tsa ka tsa bosiu ha ke tadima, ka bona meya e mene ya lehodimo e tsohile matla hodima lewatle le leholo.
Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Belshatsare, ka hlahelwa ke pono, ke le Daniele, kamora e ntlhahetseng pele.
Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, pheleu e ne e eme pela noka, e nang le dinaka tse pedi, dinaka tseo di ne di le telele, le leng le ne le fetisa le leng ka bolelele; le fetang le leng ke le neng le hodile morao.
A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.
Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,
Ponong ya ka ka bona jwalo le tsona dipere, le ba di kaletseng; ditshireletso tsa bona e ne e le tsa mollo, le tsa hiasinthe, le tsa sebabole; dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau; ho ne ho etswa melomong ya tsona mollo, le mosi, le sebabole.