Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Belshatsare, ka hlahelwa ke pono, ke le Daniele, kamora e ntlhahetseng pele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka selemo sa boraro sa puso ya kgosi Beleshasare, nna Daniele, ke ile ka bona pono e nngwe hape, ntle ho dipono tseo ke neng ke ile ka di bona pele.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:1
11 Referencias Cruzadas  

Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.


Mohlang oo, nna Daniele, ka ba dillong ka veke tse tharo,


Nna Daniele, ka bona pono eo ke nnotshi, mme banna bao ke nang le bona ha ba ka ba bona pono eo; empa ba tshwarwa ke tshabo e kgolo, ba baleha, ba ipata.


Etlare ha a se a phahame, mmuso wa hae o tla robakwa dikoto, o arolelwe meya e mene ya mahodimo, empa e ke ke ya eba wa ditloholo tsa hae, mme matla a wona a ke ke a lekana le matla a wona a pele, hobane mmuso wa hae o ya haholwa, o arolelwe basele, o seng bao.


Ka selemo se qalang puso ya Belshatsare, morena wa Babilona, Daniele a bona toro a le ditaong tsa hae, mme a ba le dipono moyeng wa hae; a ngola toro eo, a bolela dihlooho tsa yona.


Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.


Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.


Mme nna Daniele, ha ke sa ntse ke tadima pono eo, ke ntse ke batla ho e utlwisisa, bonang, ha ema pela ka e mong ya nang le sebopeho sa motho.


Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.


ka selemo se qalang puso ya hae, nna Daniele, ka utlwa ka dibuka hore palo ya dilemo tseo Jehova a neng a di boleletse moporofeta Jeremia, tse neng di tla phetheha, Jerusalema a se a senyehile, ke dilemo tse mashome a supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos