Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mantswe a Nehemia, mora Hakalia, ke wona ana: Kgweding ya Kislefe, selemong sa mashome a mabedi, ka re ke sa ntsane ke le Susane, motse wa moreneng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Tsena ke dipolelo tsa Nehemia, mora wa Hakaleya: Ka kgwedi ya Tshitwe, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ke ne ke le motseng wa kgosi, wa Shushane.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 1:1
9 Referencias Cruzadas  

Yaba batho bohle ba Juda le ba Benjamine ba phuthehela Jerusalema ka tshiu tse tharo, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi; setjhaba sohle sa tla, sa dula lepatlelong le pela ntlo ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba e leng teng le ka baka la dipula.


Ba bang ba bana ba Iseraele, baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le ba Banethinime, ba nyolohela Jerusalema le yena, e le ka selemo sa bosupa sa ho busa ha Artakserksese.


Ba kileng ba tiisa ka tiiso ya bona, ke Nehemia, mmusisi, mora Hakalia, le Tsedekia,


Kgweding ya Nisane, ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Artakserksese, eitse ha veine e le pela hae ka nka veine, ka e nea morena. Ke ne ke eso ho ka ke sosobana sefahleho pela hae.


Ho hong ke hoba, haesale morena a ntaela hore ke be mmusisi wa bona naheng ya Juda, ho tloha selemong sa mashome a mabedi ho isa selemong sa mashome a mararo a metso e mmedi sa ho busa ha Artakserksese, e leng dilemo tse leshome le metso e mmedi, nna le banabeso, ha re a ka ra ja bohobe ba mmusisi.


ke re, mehleng eo, eitse ha morena Assueruse a dutse teroneng ya mmuso wa hae, Susane, e leng motse wa moreneng,


Yaba dititimi di tloha, di potlakiswa ke taelo ya morena. Taelo ya tumiswa le Susane, motse wa moreneng. Mme morena le Hamane ba nna ba dula ba enwa, motse wa Susane wona o tletse maswabi.


Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.


Ka selemo sa bone sa ho busa ha morena Dariuse, lentswe la Jehova la tlela Sakaria.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos