Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ha fihla Hanani, e mong wa banabeso, ba ena le banna ba bang ba Juda; ka ba botsa taba tsa Bajuda ba phonyohileng, e leng masala a setseng a kgoleho, le tsa Jerusalema;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Hanani, e mong wa bana beso, a fihla a ena le banna ba bang ba tswang Juda. Yaba ke ba botsa taba tse amanang le Bajuda ba ileng ba phonyoha ha ho thopuwa ba bang; ka ba botsa le tsa Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 1:2
12 Referencias Cruzadas  

Lehwatata la Sidime le ne le na le mekotikoti ya bitume, mme eitse ha marena a Sodoma le a Gomora a baleha, a wela ho yona, mme ba phonyohang ba balehela thabeng.


A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.


Leha ho le jwalo, molaodi wa bahlabani ba morena a siya mafutsana a lefatshe, hore a leme masimo a merara le masimo a mang.


re boela re tlola melao ya hao jwang, le ho itswakanya le ditjhaba tseo tse manyala, ka ho nyallana le tsona? Na o ke ke wa re halefela, o be o re timetse, o se ke wa siya le masala, leha e le ya phonyohang na?


Ka bea Hanani ngwaneso, le Hanania, molaodi wa qhobosheane, hore ba lebele Jerusalema; hobane e ne e le monna wa sebele, ya tshabang Modimo ho feta,


Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.


Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.


Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos