Nehemia 1:2 - BIBELE2 Hanani, e mong wa bana beso, a fihla a ena le banna ba bang ba tswang Juda. Yaba ke ba botsa taba tse amanang le Bajuda ba ileng ba phonyoha ha ho thopuwa ba bang; ka ba botsa le tsa Jerusalema. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 ha fihla Hanani, e mong wa banabeso, ba ena le banna ba bang ba Juda; ka ba botsa taba tsa Bajuda ba phonyohileng, e leng masala a setseng a kgoleho, le tsa Jerusalema; Ver Capítulo |
Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.