Nehemia 1:3 - BIBELE3 Yaba ba re ho nna: “Masalla a setseng naheng e kamose wane, ha ba bang ba thopuwa, a hara ditlokotsi tse kgolo, le sekgobo. Lerako la Jerusalema le lona le heleditswe, le mamati a teng a tjhesitswe.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo. Ver Capítulo |
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’