Daniele 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke fihletse hoba ho ka ba molemo ha ke le tsebisa dipontsho le mehlolo eo Modimo o hodimodimo o e sebeditseng ho nna. BIBELE “Ke bone ho le molemo hore ke le tsebise dipontsho le dimakatso tseo Modimo ya hodimodimo a nketseditseng tsona. |
Oho Modimo, Modimo wa poloko ya ka, o ntopolle molatong wa madi a tsholohileng; mme leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!
O lekola lefatshe, o a le nosetsa, o le ruisa haholoholo; metsi a tlala molatswaneng wa Modimo; o lokisetsa batho mabele, ha o lokisa lefatshe jwalo.
Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.
Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.
Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.
Yaba Nebukadnesare o atamela pela molomo wa sebopi sa mollo o bohale, a bua, a re: Shadrake, Meshake, le Abede-Nego, bahlanka ba Modimo o hodimodimo, tswang, le tle mona! Yaba Shadrake, Meshake, le Abede-Nego ba tloha hara mollo.
Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane.
kwahollo ya teng ke yona ena, morena, mme ke yona tsuo ya Mookamedi ya phahameng e fihlileng hodima morena, monga ka:
O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.
Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!
Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;
O a namolela, o a pholosa, o hlahisa dipontsho le mehlolo lehodimong le lefatsheng, o bile o namoletse Daniele marong a ditau.
O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako.
Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.