Daniele 7:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)25 O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako. Ver CapítuloBIBELE25 E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo. Ver Capítulo |
Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.
O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.