Daniele 4:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)34 Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng! Ver CapítuloBIBELE34 “Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle! Ver Capítulo |
Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.
a lelekiswa hara bana ba batho, pelo ya hae ya etswa e tshwanang le ya phoofolo, a dula le dipitsi tsa naha, a fula jwang jwaloka kgomo, mme mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela nako eo a tsebileng ka yona hoba Modimo o hodimodimo ke wona o nang le mmuso hodima borena ba batho, le hoba o bea eo o ratang ho mmea ho jona.