Daniele 4:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)33 Ka wona motsotso oo, lentswe leo la phetheha hodima Nebukadnesare; a lelekiswa hara batho, a fula jwang jwaloka kgomo, mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela moriri wa hae o mela jwaloka masiba a ntsu, le dinala tsa hae jwaloka tsa dinonyana. Ver CapítuloBIBELE33 Ka yona nako eo, se neng se boleletswe Nebukadenesare sa phethahala, a lelekwa hara batho, a ja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa hae wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela mohwete wa hae o hola jwaloka masiba a ntsu, le manala a hae a eba jwaloka dinala tsa nonyana. Ver Capítulo |
O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.
a lelekiswa hara bana ba batho, pelo ya hae ya etswa e tshwanang le ya phoofolo, a dula le dipitsi tsa naha, a fula jwang jwaloka kgomo, mme mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela nako eo a tsebileng ka yona hoba Modimo o hodimodimo ke wona o nang le mmuso hodima borena ba batho, le hoba o bea eo o ratang ho mmea ho jona.