Daniele 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)17 Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane. Ver CapítuloBIBELE17 “ ‘Qeto ena e phatlaladitswe, ya phatlalatswa ke maqosa, kahlolo ya etswa ke ba halalelang, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe: Ya Hodimodimo o laola mmuso wa batho, o o nea ofe le ofe ya ratwang ke yena, kapa a hlomamise mofo setulong sa kgosi.’ Ver Capítulo |
O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.
Dipobuwa tse nne tseo tse phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se medile dipheo tse tsheletseng, mme se ne se tletse mahlo ka nqa tsohle le kahare; mme di ne di sa phetse, motshehare le bosiu, ho re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo, Ya matla wohle, ya neng a le teng, ya ntseng a le teng, ya tla nne a be teng.