Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:18
25 Referencias Cruzadas  

A bua hantle le yena, a phahamisa terone ya hae ho feta diterone tsa marena a mang a leng ho yena Babilona.


Hobane Jehova, Mookamedi ya phahameng, o tshwanelwa ke ho tshajwa; ke yena Morena e moholo wa lefatshe lohle.


Ke tla rorisa Jehova ka baka la ho loka ha hae, ke binele lebitso la Jehova, la Mookamedi ya phahameng.


Ke tla thaba, ke nyakallele wena. Ke tla binela lebitso la hao, Mookamedi ya phahameng!


Empa wena, Jehova, o ntse o le Mookamedi ya phahameng ka ho sa feleng.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Ke nna ya entseng lefatshe, le batho, le diphoofolo tse bophareng ba lefatshe, ka matla a maholo a ka le ka letsoho la ka le otlolotsweng, mme ke le neela eo ke ithatelang ho mo nea lona.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


ha ba sekamisa ho loka ha motho, pontsheng ho Mookamedi ya phahameng,


Ntho tse molemo le tse mpe na ha di hlahe ka molomo wa Mookamedi ya phahameng?


ke tla e neela matsohong a eo e leng senatla hara ditjhaba, hore a etse ka yona kamoo a ratang kateng; ke e lelekisitse ka baka la bokgopo ba yona.


Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane.


Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.


Ke fihletse hoba ho ka ba molemo ha ke le tsebisa dipontsho le mehlolo eo Modimo o hodimodimo o e sebeditseng ho nna.


o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


a lelekiswa hara bana ba batho, pelo ya hae ya etswa e tshwanang le ya phoofolo, a dula le dipitsi tsa naha, a fula jwang jwaloka kgomo, mme mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela nako eo a tsebileng ka yona hoba Modimo o hodimodimo ke wona o nang le mmuso hodima borena ba batho, le hoba o bea eo o ratang ho mmea ho jona.


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


hela! morena, e le motshehare, ha ke le tseleng, ka bona lesedi le tswang lehodimong, le fetisang la letsatsi ka ho kganya, le nteela hare le bao ke tsamayang le bona.


Jwale, wena morena Agripa, ha ke a ka ka hana pontsho eo ya lehodimo;


Empa Ya hodimodimo a ke ke a aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a boletse, a re:


Yanayare mohla E moholoholo a abelang ditjhaba lefa la tsona, mohla a arohanyang bana ba batho, a bea meedi ya ditjhaba ka palo ya bana ba Iseraele;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos