Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 5:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Daniele o araba pela morena, a re: Boloka dineo tsa hao, o nee e mong dimpho tsa hao! Leha ho le jwalo, ke tla balla morena lengolo leno, ke mo qaqisetse kwahollo ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Yaba Daniele o bua sefahlamahlo ho kgosi, o re: “Ipolokele dimpho tseo tsa hao, le meputso ya hao o e nee e mong osele. Leha ho le jwalo, ke tla balla kgosi mongolo ona, mme ke e hlalosetse seo o se bolelang.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:17
8 Referencias Cruzadas  

hore, leha e le tshwele, leha e le leqhwele la seeta, nke ke ka nka letho la hao, o tle o se ke wa re: Ke fumisitse Abrame.


Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.


Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, eo ke emeng pela hae, nke ke ka e amohela. Naamane a mo phehella hore a e amohele, a mpa a ikganela.


Elisha a re ho yena: Ana pelo ya ka e ne e se teng, ha monna elwa a kgutla koloing ya hae, a o kgahlanyetsa na? Na ke nako ya ho nka ditjhelete, le ya ho nka diaparo, le mehlwaa re, le merara, le dinku, le dikgomo, le bahlanka ba batona le ba batshehadi na?


Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong.


Empa ha le ka ntekanyetsa toro le kwahollo ya yona, le tla bona dimpho le meputso le hlompho e fetisisang ho nna; hlong le ntekanyetse toro le kwahollo ya yona.


Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.


Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos