Daniele 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)19 ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa. Ver CapítuloBIBELE19 Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa. Ver Capítulo |
seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.