Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 5:19 - BIBELE

19 Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:19
22 Referencias Cruzadas  

Efile-Merodake a mo tshwara hantle, a mo nea hlompho e fetang eo a neng a e nea dikgosi tse ding tseo a di thopileng.


Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo.


Le se no potlakela ho tloha kapele ho kgosi, le se ke la ngangella tabeng e mpe, hobane kgosi e etsa seo e se ratang.


ke ile ka e leleka, ka neelana ka yona matsohong a eo e leng senatla hara baditjhaba; yena o tla etsa seo a se ratang ka kedare eo ho ya ka bokgopo ba yona.


Kgosi eo e hlotseng e tla ikgohomosa ka tlholo ya yona, le ka bahlabani ba diketekete bao e ba bolaileng, empa e ke ke ya boela ya hlola.


Kgosi eo ya Siria e futuhang e tla iketsetsa borata ka bona, mme ha ho ya tla e ema kapele. E tla kena naheng ya Kanana, eo e tla e timetsa ka letsoho la yona.


“Empa kgosi e nngwe e matla, e tla hlaha, e buse ka matla a maholo, mme e iketsetse borata.


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


“Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.”


Yaba sebohodi se howeletsa haholo, se re: “Lona batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, taelo ke ena:


Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe, a kgumamele setshwantsho, hanghang o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.”


“ ‘Qeto ena e phatlaladitswe, ya phatlalatswa ke maqosa, kahlolo ya etswa ke ba halalelang, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe: Ya Hodimodimo o laola mmuso wa batho, o o nea ofe le ofe ya ratwang ke yena, kapa a hlomamise mofo setulong sa kgosi.’


Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a qeta nakwana a tsielehile haholo, a tshwenyehile. Kgosi ya re ho yena: “Beleteshasare, o se ke wa tshwenngwa ke toro ena, kapa ke tlhaloso ya yona.” Beleteshasare a araba, a re: “Morena ka, eka toro ena e ka be e tobile ba o hloileng, le tlhaloso ya yona e tobile dira tsa hao!


“Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe.


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos