Daniele 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a ba bohale kahoo, a halefa haholo, mme a laela hore babohlale kaofela ba Babilona ba bolawe. BIBELE Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe. |
Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.
Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.
Bohale ba morena bo tshabeha jwaloka tau ha e puruma; ya mo halefisang o itshitelwa moya wa hae.
Yaba Daniele o kena ho Arioke eo morena a mo neileng taelo ya ho bolaya babohlale ba Babilona; a fihla, a re ho yena: O se ke wa timetsa babohlale ba Babilona, o mpe o nkise pela morena, mme ke tla tsebisa morena kwahollo ya toro.
Morena a araba, a re ho Bakalde: Taba eo e se e mphonyohetse. Ha le sa ntsebise toro le kwahollo ya yona, le tla pongwa dikoto, matlo a lona a etswe qubu ya moitedi.
Yaba Nebukadnesare o ba bohale, a halefa, a re, ho tliswe Shadrake le Meshake le Abede-Nego. Banna bao ba tliswa pela morena.
Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.
ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.
Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.