2 Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona.
2 Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona.
Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.
Empa Onane, ka ho tseba hobane bana e ke ke ya eba ba hae, e ne e re ha a eya ho mosadi wa moholwane wa hae, o ne a ithusetsa fatshe, a tle a se ke a fa moholwane bana.
Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na?
Mahlanya a nnile a hlomodisetswa tsela ya wona ya lonya le makgopo a wona.
Lehlanya le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo. Ba bodile, mesebetsi ya bona e manyala; ha ho ya etsang hantle.
Ke moo ke reng ho baikakasi: Le se ke la ikakasa! le ho banyefodi: Le se ke la phahamisa lenaka la lona.
Motho ya letlaopa ha a tsebe teng, lewatla ha le utlwisise teng.
Ya lewatla o hlahisa bohale ba hae feela; empa ya masene o pata tshito ya ya mo sitetsweng.
Ya bolokang molao o boloka moya wa hae, empa ya sa hlokomeleng tsela ya hae o tla timela.
Motho ya bohale o tla jara kotlo ya teng; ha o mo lopolla, o tla boela a sebe.
Lejwe le boima, le lona lehlabathe, empa hlonamo ya lehlanya e di feta tse pedi.
Oho! lona dithoto, ithuteng masene; le lona mawatla, le batle kutlwisiso.
O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.
Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.
Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng.
empa ba ngangellang, ba sa utlweng nnete, ba utlwang ho sa lokang, o ba nee kgalefo le bohale.
Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata,