Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena a araba, a re ho Bakalde: Taba eo e se e mphonyohetse. Ha le sa ntsebise toro le kwahollo ya yona, le tla pongwa dikoto, matlo a lona a etswe qubu ya moitedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Kgosi ya araba Bakalatiya, ya re: “Morero wa ka o tiileng ke ona: Haeba le ke ke la mpolella toro ena ya ka, la ba la ntlhalosetsa yona, ke tla le tsekolla, matlo a lona a fetolwe masupi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:5
10 Referencias Cruzadas  

Ba bolaya le seemahale sa Baale, ba qhaqha ntlo ya Baale, ba e etsa mohlaba le kajeno.


Ke laela hape e le nna, ke re, ha lentswe lena la ka le ka kgeloswa ke motho, ho ke ho rutlwe sefate tlung ya hae, a emiswe, a kgokgothelwe ho sona, mme ka molato oo ntlo ya hae e ke e fetolwe thotobolo ya moitedi.


Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!


Ba fele jwaloka metsi a phallang, metsu eo ba e fulang e thithibane.


Morena a ba bohale kahoo, a halefa haholo, mme a laela hore babohlale kaofela ba Babilona ba bolawe.


Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.


Beltsatsare, hlooho ya babohlale, erekaha ke tseba hoba moya wa medimo e halalelang o teng ho wena, le hoba ha o kgahlwe ke sephiri leha e ka ba sefe le sefe, o qaqise dipono tseo ke di lorileng, le kwahollo ya tsona.


O tla bokella thepa yohle ya wona kahara lepatlelo, mme o tla tjhesetsa Jehova, Modimo wa hao, motse oo, le mesebetsi ya wona yohle, e tla nne e be qubu ya dithako kamehla, tse ke keng tsa boela tsa hahuwa.


Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakwe pela Jehova motho ya tla tsosa le ho haha motse ona wa Jeriko; o tla o thea ka ho senyehelwa ke mora hae wa letsibolo, o tla tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke mora hae wa ho fela.


Samuele a mpa a re: Jwalokaha lerumo la hao le hlokisitse basadi bana, le mmao o tla hlokiswa bana hara basadi. Samuele a ba a pomahanya Agage, pela Jehova, Gilgale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos