Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:5 - BIBELE

5 Kgosi ya araba Bakalatiya, ya re: “Morero wa ka o tiileng ke ona: Haeba le ke ke la mpolella toro ena ya ka, la ba la ntlhalosetsa yona, ke tla le tsekolla, matlo a lona a fetolwe masupi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena a araba, a re ho Bakalde: Taba eo e se e mphonyohetse. Ha le sa ntsebise toro le kwahollo ya yona, le tla pongwa dikoto, matlo a lona a etswe qubu ya moitedi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:5
10 Referencias Cruzadas  

Ba thua sefika sa Baale, ba heletsa le tempele ya hae, ba e etsa mohlabana ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


“Ho feta moo, ke le laela hore mang kapa mang ya tla fetola taelo ena, ho rutlwe balaka ya ntlo ya hae, a totomelwe ho yona, a thakgiswe ho yona, a leketle, mme ntlo ya hae e fetohe qubu ya moitedi.


“Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang.


Oho, Modimo, pshatla meno a bona, a pshatlelle ka mahanong a bona; oho, Morena, motsula meno, meno a mekwetsepe a ditawana.


Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe.


“Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.”


“Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona.


Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa.


Mohlang oo, Joshua a nea Jeriko thohako ena, a re: “Morena a rohake motho, motho ya tla ema, a tsose marako a motse ona wa Jeriko; ka lefu la mora hae wa matsibolo a etse motheo wa wona, ka lefu la mora hae wa lethopo a hahe menyako ya wona.”


Samuele a re: “Jwalokaha sabole ya hao e ile ya bolaela basadi bana ba bona, hara basadi bao, mmao le yena o tla bolaelwa ngwana.” Samuele a kgabelaka Akake dikotwana, moo Morena a ntseng a bona, a le Gilegale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos