O bala dipaleho tsa ka; o bokelle meokgo ya ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngodilwe bukeng ya hao na?
Daniele 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mehleng eo, Mikaele, kgosana eo e kgolo, e emelang bara ba setjhaba sa heno, o tla hlaha, mme matsatsi a matswalo a tla ba teng, ao a jwalo a esong ho be teng esale ditjhaba di hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng yona eo, setjhaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngodilweng bukeng. BIBELE “Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa. |
O bala dipaleho tsa ka; o bokelle meokgo ya ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngodilwe bukeng ya hao na?
E mong le e mong ho ba siilweng Sione, le ba setseng Jerusalema, ba tla bitswa bahalaledi, e leng bohle ba ngodilweng bukeng ya ba phelang Jerusalema;
hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.
Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.
Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.
Letsoho la ka le tla lwantsha boporofeta ba bonang mafeela, ba nohang mashano; ba ke ke ba eba le kopano le setjhaba sa ka, ha ba ka ke ba ngolwa bukeng ya ntlo ya Iseraele; ha ba ka ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.
Nna, ke le Jehova, ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena hara tsona. Ke nna Jehova ke boletseng tseo.
Ke tla etsa ha hao seo ke esong ho se etse kae le kae, le seo nke keng ka hlola ke etsa se sekalo kae le kae, ka baka la manyala wohle a hao.
Kgosana ya mmuso wa Bapersia e hanyatsane le nna ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong, empa bonang, Mikaele, kgosana e nngwe e kgolo, o tlile ho nthusa, mme ke hlotse ho marena a Bapersia.
Leha ho le jwalo, ke rata ho o senolela se ngodilweng bukeng ya nnete. Ha ho ya ntlatsang ho lwantsha bano, haese Mikaele, kgosana ya lona.
O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa mawatle mabapa le thaba e kgethehileng, e kganyang: leha ho le jwalo, o tla fela, ho se ya mo thusang.
Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.
O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.
Ke letsatsi la botsho le la lefifi, ke letsatsi la maru, la maru a matsho. Jwaloka mafube a meso ha a aparela dithaba, ho tla setjhaba se seholo, se matla. Ho qala tshimolohong, ha ho eso ho be se ka ka sona, mme kamora sona ha ho sa tla boela ho be teng se jwalo ho isa dilemong tse sa yena kae.
Yaba ba tshabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngwanabo, mme Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ya kgopotso ya ngolwa pela hae, ya ngollwa ba tshabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.
Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tshimolohong ya lefatshe, ho fihlela jwale, tsietsi e kalo ha e eso ho ka e eba teng, mme ha e ka ke ya boela ya eba teng le ka mohla o le mong.
Hobane mehla eo e tla ba ya mahlomola ao ho esong ho ka ho bonwa a makalo haesa le tshimolohong ya hlolo, ha Modimo o ne o hlola dintho, ho fihlela jwale, mme ho ke ke ha eba teng a jwalo le ka mohla o le mong.
Leha ho le jwalo, le se ke la thaba kahobane le hlola meya, haholo le thabe kahobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong.
Hobane ha tahlo ya bona e bile poelano ya lefatshe le Modimo, kamohelo ya bona e tla ba eng, haese bophelo bo tswang bafung?
Mme ka mokgwa oo, Baiseraele bohle ba tla bolokeha, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Molopolli o tla tswa Sione, mme o tla tlosa nyefolo ho Jakobo;
kahodima boholo bohle, le puso yohle, le matla wohle, le borena bohle, le mabitso wohle a ka bitswang, e seng lefatsheng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla.
Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.
Athe haele arekangeloi Mikaele, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolose, o tshabile ho mo ahlola ka nyefolo, a mpa a re: Morena a o kgalemele!
le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!
Jwale ntwa ya eba teng lehodimong, Mikaele le mangeloi a hae a lwantsha drakone. Drakone ya lwana, e ena le mangeloi a yona;
Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.
Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.
Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona.
Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngodilwe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.
Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.
Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.