Daniele 11:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)45 O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa mawatle mabapa le thaba e kgethehileng, e kganyang: leha ho le jwalo, o tla fela, ho se ya mo thusang. Ver CapítuloBIBELE45 E tla hloma ditente tsa yona tsa bokgosi pakeng tsa lewatle le thaba e tlotlehang, e halalelang, mme kgosi eo e tla timela ho se ya e thusetsang.” Ver Capítulo |
Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.
Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.