Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 le ho Jesu Kreste, eo e leng paki e tshepehang, letsibolo la bafu, le kgosana ya dikgosi tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibeng tsa rona ka madi a hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 le ho Jesu Kreste, eo e leng paki e tshepehang, letsibolo la bafu, le kgosana ya dikgosi tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibeng tsa rona ka madi a hae.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 1:5
53 Referencias Cruzadas  

Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!


Marena kaofela a tla kgumama pela hae, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Mme nna ke tla mmea letsibolo la ka, le ya phahamileng hara marena a lefatshe.


Paki e tshepehang e ke ke ya bolela leshano; empa paki e mano e fefetha mashano feela.


Bonang, ke mo ntshitse ho ba paki ho ditjhaba, e be motsamaisi le molaodi wa ditjhaba.


Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.


Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona.


Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka.


Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka.


Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona.


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Seo a se boneng, le seo a se utlwileng, o a se paka; empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


kamoo ho itsweng kateng, Kreste o tla bolawa, e be yena ya tsohang pele bafung, a tle a bolele lesedi ho setjhaba sena le ho ditjhaba tse ding.


eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.


Empa Modimo, kaha e le morui wa mohau, ka baka la lerato le leholo leo o re ratileng ka lona,


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Ba ke ke ba eba le lefa hara banababo bona; Jehova ke lefa la bona, jwalokaha a ba boleletse.


Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a dumela ho utlwa Balaame, empa Jehova, Modimo wa hao, thohako eo o o fetoletse yona hlohonolofatso, kahobane Jehova, Modimo wa hao, o a o rata.


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.


Ke o laela pontsheng ya Modimo o phedisang ntho tsohle, le pontsheng ya Jesu Kreste ya pakileng nnete ka boipolelo ba bokgabane pela Ponse Pilato, ke re:


eo ponahalo ya hae e tlang ho hlahiswa nakong ya teng ke eo e leng ya lehlohonolo, ya matla a nnotshi, Mmusi wa babusi le Morena wa marena;


ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


Lerato le bonahala hona moo hoba hase rona ba ratileng Modimo, empa e le wona o re ratileng, mme o romile Mora wa wona hore e be pheko ya dibe tsa rona.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos