BaKolose 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme jwalokaha le amohetse Morena Jesu Kreste, le fele le tsamaye jwalo ho yena; BIBELE Jwale, kaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, phelang mmoho le yena. Baasraak Sotho NT Jwalokaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, le tsamaye jwalo ho yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalokaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, le tsamaye jwalo ho yena. |
Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.
Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.
Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.
Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:
Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.
Ke le kgothatsa ke hona, nna ke leng moholehuwa ka baka la Morena, ke re: Tsamayang ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona,
Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,
le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;
Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.
Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.
Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;
Ya bolelang hore o dutse ho wona, e ka kgona a tsamaye ka mokgwa oo le yena Jesu a tsamaileng ka wona.
Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.
Baratuwa, erekaha ke tjhesehela ho le ngolla taba tsa poloko, eo re e hlahiseditsweng hammoho, ke phehellwa ke pelo ho etsa jwalo, ke tle ke le kgothatse ho lwanela tumelo eo bahalaledi ba ileng ba e fuwa ka nako e le nngwe.