Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane, leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke boha ho lokisa ha lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Le hoja ke le siyo ka seqo, ke ntse ke ena le lona ka moya, mme ke thabela ho bona kamoo le itlhophisitseng, le tiileng kateng tumelong ya lona ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke bona tlhophiso ya lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke bona tlhophiso ya lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:5
19 Referencias Cruzadas  

Hape, ditjheso tse ngata tsa eba teng, le mafura a mahlabelo a teboho, le dino tsa setjheso se seng le se seng. Tshebeletso ya ntlo ya Jehova ya tsoswa jwalo.


pelo tsa bona ha di a ka tsa o kgomarela ho tiya, mme ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa wona.


ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.


Jehova a re ho Moshe: Marena a ke a hlahise dikabelo tsa wona tsa ho kgakola aletare e mong ka tsatsi le leng, e mong ka le leng.


Ba ne ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme ekare ha e mong a lapile, a no ja hae, le tle le se ke la phuthehela tsuo. Haele ka tse ding, tsona ke tla di lokisa ha ke se ke fihlile.


Tsohle di etswe ka tshwanelo le ka molao.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Hobane ke rata ha le ka tseba ntwa e kgolo eo ke e lwanelang lona, le ba Laodisia, le bohle ba sa kang ba bona sefahleho sa ka nameng,


Haele rona, banabeso, re kgaohane le lona ka motsotso o kang wa hora, ke ho se bonane feela, e seng ka pelo, mme ke moo re lekileng kannete ho tla le bona ka hlolohelo e fetisang.


Hobane jwale, ha le tiile Moreneng, re a phela.


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;


Hanang ho yena ka ho tiya tumelong, le ntse le tseba hobane dihloreho di le ding le tsena di ntse di hlahela banababo lona ba lefatsheng.


Naomi, ha a bona hobane o pheheletse ho tsamaya le yena, a lesa ho bua le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos