Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa, o tswe thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:2
35 Referencias Cruzadas  

Jehova o ya otlolla Sione molamu wa matla a hao: hloma mmuso wa hao hara dira tsa hao.


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


Melomo ya ka a e ke e tswe thoko, hobane o nthuta dikomelo tsa hao.


Ka thaba ha ba itse ho nna: A re yeng ka tlung ya Jehova!


Na motho ke ofe ya tshabang Jehova? Jehova o tla mmontsha tsela eo a tshwanetseng ho ikgethela yona.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Bana ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena; kgotso ya bana ba hao e tla ba kgolo.


ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.


Hobane tsatsi le teng leo dibohodi di tla howeletsa ka lona thabeng ya Efraime, di re: Tlohang, a re nyoloheleng Sione, ho Jehova, Modimo wa rona.


hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a re supise tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona le seo re tshwanetseng ho se etsa.


A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.


Mme masala wohle a ditjhaba tsohle tse neng di futuhetse Jerusalema, a tla nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela Morena, Jehova wa makgotla, le ho etsa mokete wa Metlotlwane.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]


ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.


Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Eitse hobane ba tswe sinagogeng ya Bajuda, baditjhaba ba rapela hore, ka Sabatha e tlang, ba bolellwe ditaba tseo le bona.


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos