Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.
BaHebheru 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng, BIBELE Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng? Baasraak Sotho NT Rona re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo; e leng e qadileng ho bolelwa ke Morena, mme ya tiiswa ho rona ke ba mo utlwileng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Rona re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo; e leng e qadileng ho bolelwa ke Morena, mme ya tiiswa ho rona ke ba mo utlwileng; |
Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.
Ba ahileng mabopong ao, ka tsatsi leo ba tla re: Bonang, ba feletse kae bao re ba tshepileng, re mathetseng ho bona ho batla thuso, hore re tle re namolelwe matsohong a morena wa Assiria? Jwale, re tla phonyoha jwang?
Ho loka ha ka ho haufi, poloko ya ka e se e ya hlaha, mme matsoho a ka a tla ahlola ditjhaba; dihlekehleke di tla ntshepa, di tla nne di tshepe letsoho la ka.
Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.
Bonang, Jehova o tsebisa dipheletso tsa lefatshe taba ya ho re: Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Mmoloki wa hao o a fihla; bona, o na le moputso wa hae, pheelo ya hae e mo eteletse pele.
Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?
O kgesitse kano, o tlotse selekane; o bile o neile Faro letsoho la hae; o entse tseo tsohle; ha a ka ke a phonyoha.
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.
Hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;
kamoo re di neilweng kateng, ke ba iponetseng tsona ka sebele esale ho qaleng ha tsona, bao e bileng e leng bahlanka ba lentswe,
A re ho bona: Dife? Ba re: Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla mesebetsing le dipolelong tsa hae pela Modimo le pela setjhaba sohle;
ho qala kolobetsong ya Johanne ho fihlela letsatsi leo a nyolositsweng ho rona, e mong wa bona e ka kgona e be paki ya tsoho ya hae le rona.
Banna ba Iseraele, utlwang taba tsena: Jesu wa Nasaretha, monna eo le mo supisitsweng ke Modimo ka diketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona,
Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.
Mme wena motho, o ahlolang ba etsang tse jwalo, athe le wena o a di etsa, hleka o hloma ekaba wena o tla phema kahlolo ya Modimo na?
Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.
Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.
Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.
Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,
Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?
jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo o mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o entseng ka yena tse bopilweng kaofela.
Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?
A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona.
A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.
Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,
ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.
Se neng se le teng esale ho qaleng, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se bohileng, seo matsoho a rona a se amileng, e leng sa lentswe la bophelo —
Empa, haele lona, baratuwa, hopolang ditaba tse boletsweng pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste;
ba ntse ba howa ka mantswe a phahamileng, ba re: Poloko ke ya Modimo wa rona, o dutseng teroneng, le ya Konyana.