Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 51:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Tshwele e tla ba ja sa ha e eja seaparo, seboko se ba je jwalokaha se eja boya. Empa ho loka ha ka ho tla hlola kamehla yohle, ho pholosa ha ka e be ha meloko yohle.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 51:8
12 Referencias Cruzadas  

athe ke pherehlana jwaloka ntho e jelweng ke diboko, jwaloka kobo e jewang ke tshwele?


ho jwalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa, ba hlahileng leroleng, ba ka rinngwang jwaloka ditshwele!


Bokgabane ba hao bo akgetswe bafung, le melodi ya diharepa tsa hao; tshenyane ke malao a hao katlasa hao, o apesitswe ka diboko.


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


Ke atameditse ho loka ha ka: Ha ho hole; le poloko ya ka; e ke ke ya dieha. Ke tla bea poloko ya ka Sione, le kganya ya ka hodima Iseraele.


Bonang, Morena Jehova ke thuso ya ka. Ke tla tsuwa ke mang? Bonang, ba tla fela bohle jwaloka seaparo se maharaswa, ba tla jewa ke tshwele.


Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Taba eo e dutse ho nna e tshwana le ya metsi mohla Nowe, kamoo ke neng ke hlapantse kateng, hore metsi a Nowe a ke ke a boela a kwahela lefatshe; ke bile ke hlapanya hore ha ke sa tla hlola ke o halefela, leha e le ho o kgalemela.


Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


mme nna, ke jwaloka tshwele ho Efraime, le jwaloka ho bola ha masapo ho ntlo ya Juda.


mohau wa hae o melokong ya meloko ya ba mo tshabang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos