Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 20:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba ahileng mabopong ao, ka tsatsi leo ba tla re: Bonang, ba feletse kae bao re ba tshepileng, re mathetseng ho bona ho batla thuso, hore re tle re namolelwe matsohong a morena wa Assiria? Jwale, re tla phonyoha jwang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: ‘Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang?’ ”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 20:6
16 Referencias Cruzadas  

esita le ya sa hlokeng molato o tla mo namolela ka baka la bosweu ba matsoho a hao!


Ba hlajwa ke dihlong tshepong ya bona; ha ba fihla teng, ba swaba.


Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?


Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.


Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, la re:


Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Mme wena, mosenngwa, o tla etsang na? Leha o ka ikapesa ka sekarelata, wa itlhophisa ka mekgabo ya kgauta, wa itlotsa mahlo ka setlolo, ke lefeela ha o iketsa e motle; dinyatsi tsa hao di hlile di a o nyedisa; di batla bophelo ba hao.


ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.


Dinoha, madinyane a marabe! Le ka phema kahlolo ya dihele jwang?


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos