Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 20:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba neng ba tshepile Kushe, mme ba ithorisa ka Egepeta ba tla tshaba, ba hlajwe ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 20:5
17 Referencias Cruzadas  

Ke fela ke bona hobane o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo, ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye. Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.


Ha ho le jwalo, lesang ho tshepa motho, eo phefumoloho ya hae e leng masobeng a dinko tsa hae; na a ka thusang?


Hobane tshirelo ya Faro e tla ba fetohela dihlong, le ho ipea moriting wa Egepeta ho ba fetohele sekgobo.


ba tla swaba kaofela ka baka la setjhaba se se nang molemo ho bona, seo ba ke keng ba bona thuso ho sona, leha e le molemo, empa e le dihlong le tshwabo feela.


Hobane thuso ya Egepeta ke lefeela le bosawana; ke ka baka leo ke bitsang hoo: Modimo o moholo o sa sebetseng letho.


Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!


Bona, o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye; Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.


O tla leleka jwang tona leha e le nngwe hara bahlanka ba banyenyane ba monga ka? Empa o tshepile Egepeta, hore o tla bona makoloi le bakalli teng!


Teng, a utlwa ho thwe: Tirhaka, morena wa Ethiopia, o tla ho o lwantsha. Ha a utlwa taba eo, a romela manqosa ho Esekiase, a re ho wona: Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re:


Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya otla Amone wa No, le Faro, le Egepeta, le medimo ya bona, le marena a bona, le Faro, le bohle ba mo tshepileng.


Mmuso oo ha o sa tla tshepisa ba ntlo ya Iseraele letho; o tla ba hopotsa bokgopo ba bona, ba mohla ba neng ba retelehela ho wona; mme ho tla tsejwa hoba ke nna Morena Jehova.


Bakushe ba matla a maholo, le Baegepeta ba sa balweng, Baphuthe le Balube e be e le batlatsi ba wona.


Le lona Bakushe, le tla ba ba bolailweng ke lerumo la ka!


Ha ho le jwalo, motho a se ke a ithorisa ka batho; hobane tsohle ke tsa lona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos